Numere
Khaolo 33:46-52
BIBELE e Halalelang
46Ba tloha Dibone-Gade, ba emisa Almone-Diblathaime.
47Ba tloha Almone-Diblathaime, ba emisa thabeng tsa Abarime, pela Nebo.
48Ba tloha thabeng tsa Abarime, ba emisa mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko.
49Ba emisa pela Jordane, ho tloha Bethe-Jeshimothe ho isa Abele-Sittime, mahwatateng a Moabe.
50Jehova a bua le Moshe mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko,
51a re: Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le tshele Jordane, mme le kene naheng ya Kanana,
52le tla lelekisa pela lona baahi bohle ba naha, le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tsa majwe, le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tse tsholotsweng, mme le senye dinqalo tsohle tsa bona tse diphahameng.