Numere
Khaolo 33:48-54
BIBELE e Halalelang
48Ba tloha thabeng tsa Abarime, ba emisa mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko.
49Ba emisa pela Jordane, ho tloha Bethe-Jeshimothe ho isa Abele-Sittime, mahwatateng a Moabe.
50Jehova a bua le Moshe mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko,
51a re: Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le tshele Jordane, mme le kene naheng ya Kanana,
52le tla lelekisa pela lona baahi bohle ba naha, le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tsa majwe, le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tse tsholotsweng, mme le senye dinqalo tsohle tsa bona tse diphahameng.
53Le tla hapa naha, mme le tla ikahela ho yona; hobane ke le neile naha, e tle e be leruo la lona.
54Le tla arolelana naha ka lotho, ka palo ya matlo a lona: ba leng bangata, le tla ba nea karolo e kgolo, mme ba seng bakae le tla ba nea karolo e nyenyane. E mong le e mong o tla rua seo a se abetsweng ke lotho, mme le tla se amohela, e be lefa la lona ka meloko ya bontata lona.