Numere
Khaolo 35:11-17
BIBELE e Halalelang
11le tla ikgethela metse eo e tla ba metse ya setshabelo ho lona, moo ho tla balehela mmolai ya bolaileng motho, e seng ka boomo.
12Metse eo e tla ba ditshabelo tsa ho balehela mophetetsi wa madi, mmolai a tle a se ke a bolawa a eso ho hlahe pela phutheho a ahlolelwa teng.
13Hara metse eo le tlang ho e nea Balevi, e tsheletseng e tla ba metse ya setshabelo ho lona.
14Le tla bea metse e meraro ka mose o kwano ho Jordane, mme le tla bea e meraro naheng ya Kanana; e tla ba metse ya setshabelo.
15Metse eo e tsheletseng e tla ba ditshabelo ho bana ba Iseraele le ho motho wa ditjhaba, le ho motho ya jakileng hara lona; hore e mong le e mong ya bolaileng motho e seng ka boomo, a tle a balehele teng.
16Ha motho a otla ngwanabo ka ntho ya tshepe, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.
17Ha a mo otla ka lejwe leo a le tshwereng ka letsoho, le ka bolayang motho, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.