Numere
Khaolo 35:3-9
BIBELE e Halalelang
3Ba tla rua metse ho aha teng, le naha e pela yona, e tla ba ya makgomo a bona, le ya dintho tsa bona, le ya diphoofolo tsohle tsa bona.
4Naha e pela metse eo le tla e nea Balevi, e be le bophara ba ditswe tse sekete se le seng, ho tloha lerakong la motse ho isa moeding wa yona ka nqa tsohle.
5Le tla lekanya kantle ho motse ditswe tse dikete tse pedi ka nqa botjhabela, le ditswe tse kete tse pedi ka nqa borwa, le ditswe tse kete tse pedi ka nqa bophirimela, le ditswe tse kete tse pedi ka nqa leboya. Motse o tla ba kahare. Naha e teelang metse ya bona hare e tla ba jwalo.
6Metse eo le tlang ho e nea Balevi, e tla ba metse e tsheletseng ya setshabelo, moo mmolai a ka balehelang teng, le be le eketse ka metse e meng e mashome a mane a metso e mmedi.
7Metse yohle eo le tla e nea Balevi e tla ba e mashome a mane a metso e robileng meno e le mmedi le naha e e teelang hare.
8Bakeng sa metse eo, le tla e nka mafeng a bana ba Iseraele; ba nang le metse e mengata, ba tla nea e mengata, empa ba nang le metse e seng mekae ba tla nea e seng mekae; e mong le e mong o tla nea Balevi metse ya hae ka palo e lekaneng le lefa leo a tlang ho le rua.
9Jehova a bua le Moshe, a re: