Numere
Khaolo 35:30-34
BIBELE e Halalelang
30Ha motho a bolaya e mong, bophelo ba mmolai bo tla kgaolwa ka baka la polelo ya dipaki. Paki e le nngwe e ke ke ya lekana hore motho a ahlolelwe lefu.
31Le ke ke la amohela topollo bakeng sa bophelo ba mmolai ya tshwanetseng ho bolawa, hobane ruri o tshwanetse ho bolawa.
32Le ke ke la amohela topollo ho mmolai ya balehetseng motseng wa hae wa setshabelo, a tle a kgutlele naheng ya hae ho aha teng, ha moprista a eso ho shwe.
33Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho yona; hobane madi a silafatsa naha; ho ke ke ha etswa pheko esele ya madi a tsholotsweng ho yona, haese ka madi a ya a tsholotseng.
34Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho yona, eo ke tlang ho aha ho yona le nna, hobane ke nna, Jehova, ya ahileng hara bana ba Iseraele.