Numere
Khaolo 35:7-13
BIBELE e Halalelang
7Metse yohle eo le tla e nea Balevi e tla ba e mashome a mane a metso e robileng meno e le mmedi le naha e e teelang hare.
8Bakeng sa metse eo, le tla e nka mafeng a bana ba Iseraele; ba nang le metse e mengata, ba tla nea e mengata, empa ba nang le metse e seng mekae ba tla nea e seng mekae; e mong le e mong o tla nea Balevi metse ya hae ka palo e lekaneng le lefa leo a tlang ho le rua.
9Jehova a bua le Moshe, a re:
10Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le tshele Jordane, mme le kene naheng ya Kanana,
11le tla ikgethela metse eo e tla ba metse ya setshabelo ho lona, moo ho tla balehela mmolai ya bolaileng motho, e seng ka boomo.
12Metse eo e tla ba ditshabelo tsa ho balehela mophetetsi wa madi, mmolai a tle a se ke a bolawa a eso ho hlahe pela phutheho a ahlolelwa teng.
13Hara metse eo le tlang ho e nea Balevi, e tsheletseng e tla ba metse ya setshabelo ho lona.