Numere
Khaolo 36:1-5
BIBELE e Halalelang
1Dihlooho tsa ntlo ya bara ba Gileade, mora Makire, mora Manasse, hara matlo a bara ba Josefa, tsa atamela, mme tsa bua pela Moshe le pela marena ao e leng dihlooho tsa matlo a bana ba Iseraele.
2Tsa re: Jehova o laetse monghadi wa ka ho arolela bana ba Iseraele naha ka lotho, e be lefa la bona. Hape, monghadi wa ka o laetswe ke Jehova ho nea lefa la ngwanabo rona, Tselofkade, ho baradi ba hae.
3Ha ba nyalwa ke e mong wa bara ba leloko le leng la bana ba Iseraele, lefa la bona le tla kgaolwa lefeng la bontata rona, mme le tla ekeletswa lefeng la leloko leo ba nyetsweng ho lona; ka mokgwa o jwalo lefa leo re le ruileng ka lotho le tla qephiswa.
4Etlare ha Jubile e hlahela bana ba Iseraele, lefa la bona le tla ekeletswa ho la leloko leo ba nyetsweng ho lona, mme jwale lefa la bona le tla kgaolwa lefeng le leloko la bontata rona.
5Moshe a bolella bana ba Iseraele, ka taelo ya Jehova, a re: Leloko la bara ba Josefa le nepile.