Numere
Khaolo 36:10-13
BIBELE e Halalelang
10Baradi ba Tselofkade ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng.
11BoMakla, Thirtsa, Hogla, Milka le Nowa, e leng baradi ba Tselofkade, ba nyalwa ke bara ba borangwana bona;
12ba nyalwa ke ba matlo a bara ba Manasse, mora Josefa; mme lefa la bona la sala lelokong la ntlo ya ntata bona.
13Ke tsona ditaelo le melao eo Jehova a e laetseng bana ba Iseraele ka Moshe, mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko.