Numere
Khaolo 4:3-9
BIBELE e Halalelang
3ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ke ho re, bohle ba ka etsang tshebetso ya tente ya pokano.
4Ke ena tshebetso ya bara ba Kehathe ka tenteng ya pokano, bakeng sa ntho tse kgethehileng ka ho fetisa.
5Etlare ha phutheho e tloha, Aarone le bara ba hae ba tla kena, ba fanyolle lesira la karohanyo; ba tla kwahela areka ya bopaki ka lona;
6ba tla bea hodima yona sekgurumetso sa matlalo a diqibi, kahodimo ba tla ala lesela la purepera kahohle, mme ba tla kenya arekeng mejaro ya yona.
7Hodima tafole ya mahobe a pontsha, ba tla ala lesela la purepera; ba tla bea hodima yona mekekana, le dinwelo, le merifi, le dipitsa tsa ditshelo; bohobe bo bewe hodima yona kamehla.
8Hodima ntho tseo tsohle, ba tla ala lesela le krimsone, ba ntoo e kwahela ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba tla kenya ho yona mejaro ya yona.
9Ba tla nka lesela la purepera, ba kwahele ka lona kandelare e bonesang, le dilampi tsa yona, le matlawana a yona, le dipitsana tsa yona tsa molora, le dipitsa tsohle tsa yona tsa ole, tseo ho etswang mosebetsi wa yona ka tsona;