Numere
Khaolo 4:8-14
BIBELE e Halalelang
8Hodima ntho tseo tsohle, ba tla ala lesela le krimsone, ba ntoo e kwahela ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba tla kenya ho yona mejaro ya yona.
9Ba tla nka lesela la purepera, ba kwahele ka lona kandelare e bonesang, le dilampi tsa yona, le matlawana a yona, le dipitsana tsa yona tsa molora, le dipitsa tsohle tsa yona tsa ole, tseo ho etswang mosebetsi wa yona ka tsona;
10ba tla phuthela kandelare le mesebetsi yohle ya yona sekgurumetsong sa matlalo a diqibi, mme ba tla e bea mejarong.
11Hodima aletare ya kgauta, ba tla ala lesela la purepera, ba e kwahele ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba tla kenya mejaro ho yona.
12Ba tla nka mesebetsi yohle eo ho etswang tshebetso yohle ka yona sehalalelong; ba tla e phuthela leseleng la purepera, ba e kwahele ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba e bee hodima mejaro.
13Ba tla ola molora o aletareng, ba ale hodima yona lesela la purepera.
14Kahodima yona, ba tla bea dintho tsohle tsa tshebetso ya yona, e leng dipitsa tsa dibano, le difereko, le dikgarashwana, le mehope ya dinwelo, le mesebetsi yohle ya aletare; ba tla ala kahodimo sekgurumetso sa matlalo a diqibi, ba kenye ho yona mejaro.