Numere
Khaolo 6:1-5
BIBELE e Halalelang
1Jehova a bua le Moshe, a re:
2Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha monna, kapa mosadi, a ikgethetse ho ineela Jehova ka kano ya bonasari,
3o tla itima veine le tse tahang; a se ke a nwa asene e entsweng ka veine, leha e le asene e entsweng ka tse tahang; a se ke a nwa dino tse entsweng ka ditholwana tsa morara, mme a se ke a ja ditholwana tsa morara tse ntjha, leha e le lengangajane la tsona.
4Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae, a se ke a ja letho le tswang morareng, ho qala ka thootsenyana ya tholwana ho isa ho letlalo la yona.
5Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae, lehare le se ke la feta hloohong ya hae; o tla kgetheha ho isa qetellong ya ditshiu tseo a ikgethetseng Jehova ka tsona, o tla lesela moriri wa hlooho ya hae ho hola.