Numere
Khaolo 6:2-8
BIBELE e Halalelang
2Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha monna, kapa mosadi, a ikgethetse ho ineela Jehova ka kano ya bonasari,
3o tla itima veine le tse tahang; a se ke a nwa asene e entsweng ka veine, leha e le asene e entsweng ka tse tahang; a se ke a nwa dino tse entsweng ka ditholwana tsa morara, mme a se ke a ja ditholwana tsa morara tse ntjha, leha e le lengangajane la tsona.
4Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae, a se ke a ja letho le tswang morareng, ho qala ka thootsenyana ya tholwana ho isa ho letlalo la yona.
5Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae, lehare le se ke la feta hloohong ya hae; o tla kgetheha ho isa qetellong ya ditshiu tseo a ikgethetseng Jehova ka tsona, o tla lesela moriri wa hlooho ya hae ho hola.
6Ka ditshiu tsohle tsa ho ikgethela Jehova ha hae, a se ke a atamela setopo se shweleng.
7A se ke a itshilafatsa ka ntatae; leha e le ka mmae, leha e le ka ngwanabo, leha e le ka kgaitsedie, ha ba shwele, hobane boikgethelo ba hae ba ho ikgethela Modimo bo hloohong ya hae.
8Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae o kgethetswe Jehova.