Numere
Khaolo 6:22-27
BIBELE e Halalelang
22Jehova a bua le Moshe, a re:
23Bua le Aarone, le bara ba hae, o re: A le ke le hlohonolofatseng bana ba Iseraele jwalo, le re ho bona:
24Jehova a o hlohonolofatse, mme a o boloke!
25Jehova a o kgantshetse sefahleho sa hae, mme a o hauhele!
26Jehova a retelletse sefahleho sa hae ho wena, mme a o fe kgotso!
27Ke ka mokgwa o jwalo ba tla bea lebitso la ka hodima bana ba Iseraele, mme nna ke tla ba hlohonolofatsa.