Numere
Khaolo 7:5-11
BIBELE e Halalelang
5Amohela dintho tseo ho bona, ho tle ho etswe tshebetso ya tente ya pokano ka tsona; o di abele Balevi, o nee e mong le e mong ka tshebetso ya hae.
6Yaba Moshe o nka makoloi le dipholo, a di nea Balevi.
7A nea bara ba Gershone, ka ho lekanyetsa mosebetsi wa bona, makoloi a mabedi le dipholo tse nne;
8a nea bara ba Merari, ka ho lekanyetsa mosebetsi wa bona, makoloi a mane le dipholo tse robileng meno e le mmedi; ba ne ba le pusong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.
9Empa a se ke a nea bara ba Kehathe letho, kahobane ba ne ba beetswe tshebetso ya ho jara ntho tsa sehalalelo ka mahetla a bona.
10Ka tsatsi leo aletare e neng e kgakolwe ka lona, mohla e tlotswang, marena a tlisa dikabelo tsa wona, marena a hlahisa dikabelo tsa wona pela aletare.
11Jehova a re ho Moshe: Marena a ke a hlahise dikabelo tsa wona tsa ho kgakola aletare e mong ka tsatsi le leng, e mong ka le leng.