Numere
Khaolo 8:4-10
BIBELE e Halalelang
4Haele kandelare, e ne e entswe jwana: e ne e entswe ka kgauta e teilweng. Ho tloha kutung ya yona, ho isa dipaleseng tsa yona, e ne e teilwe, e sebeditswe ka tekanyetso eo Jehova a neng a e bontshitse Moshe.
5Jehova a bua le Moshe, a re:
6O nke Balevi hara bana ba Iseraele, o ba hlwekise.
7Seo o tla ba etsetsa sona hore o ba hlwekise ka sona, ke sena: O foke hodima bona ka metsi a hlatswang sebe; ba ipeole mmele oohle ka lehare; ba hlatswe diaparo tsa bona, mme ba itlhwekise.
8Ba tla nka pohwana ya kgomo, le nyehelo ya yona, le lefi la phofo le dubilweng ka ole; o tla nka pohwana e nngwe, e be sehlabelo sa sebe.
9O tla atametsa Balevi pela tente ya pokano, mme o tla mema phutheho yohle ya bana ba Iseraele.
10O tla atametsa Balevi pela Jehova, mme bana ba Iseraele ba tla bea matsoho a bona hodima Balevi.