Numere
Khaolo 9:12-18
BIBELE e Halalelang
12ba ke ke ba siya letho la yona le ka sallang hosasane; ba ke ke ba roba lesapo la yona, leha le le leng; ba tla e etsa ka ditaelo tsohle tsa Paseka.
13Empa haele motho ya hlwekileng, ya seng leetong, ha a sa etse Paseka, motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo; kahobane a sa ka a hlahisa kabelo ya Jehova ka nako e beilweng, motho eo o tla jara sebe sa hae.
14Ha moditjhaba, ya ahileng le lona, a etsa Paseka ya Jehova, o tla e etsa ka taelo ya Paseka le ka molao wa yona. Ho tla ba molao o le mong bakeng sa lona, bakeng sa moditjhaba, le ya tswaletsweng ha eno.
15Ka tsatsi leo ho emisitsweng tabernakele ka lona, leru la kgurumetsa tabernakele, e leng tente ya bopaki; mantsiboya ha eba hoo e kang mollo hodima tabernakele ho fihlela hosasa.
16Ha nna ha eba jwalo kamehla: motshehare leru le ne le e kgurumetsa, mme bosiu le ne le tshwana le mollo.
17Enere ha leru le phahama, le tloha hodima tente, bana ba Iseraele ba ne ba tloha; mme moo leru le neng le ema, bana ba Iseraele ba ne ba emisa teng.
18Bana ba Iseraele ba ne ba tloha ka taelo ya Jehova, ba ne ba emisa hape ka taelo ya Jehova. Ha leru le ne le ntse le dutse hodima tabernakele, ba ne ba hlola ba emisitse.