Numere
Khaolo 9:16-22
BIBELE e Halalelang
16Ha nna ha eba jwalo kamehla: motshehare leru le ne le e kgurumetsa, mme bosiu le ne le tshwana le mollo.
17Enere ha leru le phahama, le tloha hodima tente, bana ba Iseraele ba ne ba tloha; mme moo leru le neng le ema, bana ba Iseraele ba ne ba emisa teng.
18Bana ba Iseraele ba ne ba tloha ka taelo ya Jehova, ba ne ba emisa hape ka taelo ya Jehova. Ha leru le ne le ntse le dutse hodima tabernakele, ba ne ba hlola ba emisitse.
19Ha leru le ne le duladula halelele hodima tabernakele, bana ba Iseraele ba ne ba ela taelo ya Jehova hloko, mme ba ne ba sa tlohe.
20Le ha leru le ne le dula hodima tabenakele matsatsi a seng makae, ba ne ba emisa ka taelo ya Jehova, mme ba ne ba tloha ka taelo ya Jehova.
21Leha leru le ne le dula teng ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, mme le ne le phahama hosasa, ba ne ba tloha; ha leru le ne le phahama kamora letsatsi le le leng le bosiu bo le bong, ba ne ba tloha.
22Ha leru le ne le dula hodima tabernakele matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho fetisa kgwedi, bana ba Iseraele ba ne ba hlola teng ba emisitse, ba sa tlohe; ha le ne le phahama, ba ne ba tloha.