Numere
Khaolo 9:3-9
BIBELE e Halalelang
3Le tla e etsa ka nako e beilweng, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi yona ena, ka nako ya mantsiboya; le tla e etsa ka ditaelo tsohle le ka melao yohle e beetsweng yona.
4Yaba Moshe o bolella bana ba Iseraele hore ba etse Paseka:
5ba etsa Paseka feelleng la Sinai, ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka nako ya mantsiboya. Tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Moshe, bana ba Iseraele ba di etsa jwalo.
6Empa ho ne ho le batho ba bang ba silafetseng ka baka la motho ya shweleng, ba sitilweng ke hona ho etsa Paseka ka tsatsi lona leo. Yaba ba itlhahisa ho Moshe le ho Aarone ka lona tsatsi leo;
7mme batho bao ba re ho Moshe: Re silafetse ka baka la motho ya shweleng, mme re ka thibelwa keng ho hlahisa kabelo ya Jehova hara bana ba Iseraele ka nako e beilweng na?
8Moshe a re ho bona: Emang, ke tle ke mamele seo Jehova a tlang ho ntaela sona bakeng sa lona.
9Yaba Jehova o bua le Moshe, a re: