Dipesalema

Khaolo 102

BIBELE

Thapelo ya motho ya tsietsing

1Thapelo ya motho ya tsietsing, ya imetsweng, ya hlahisang sello sa hae kapele ho Morena. 2Morena, ako utlwe thapelo ya ka;sello sa ka se ke se fihle ho wena. 3Ha ke le matshwenyehongo se ke wa mpatela fahleho sa hao;ako ntshekehele tsebe,ha ke ipiletsa ho wena,o ke o nkarabe kapele. 4Ditshiu tsa ka di fela jwaloka mosi,masapo a ka a tjha sa patsi mollong. 5Ke otlilwe,pelo ya ka e ka jwang bo omeletseng,ke se ke lebala le ho ja. 6Ka baka la ho fehelwa haholo,nama ya ka e maname,e maname masapong a ka. 7Ke tshwana le letata la lehwatata,ke tshwana le sephooko sa dithako. 8Ke a hlobaela, mme ke a fehelwa,ke ka nonyana e dutseng e inotshi,e dutseng hodima sehlohlolo. 9Dira tsa ka di ntlaka kamehla,ba nkgalefetsengba nyefola lebitso la ka. 10Ke ja molora jwaloka bohobe,seno sa ka se tswakana le meokgo, 11ka baka la bohalele kgalefo ya hao;hobane o ile wa mphamola,wa nto ntabanya! 12Ditshiu tsa kadi tshwana le meriti e theang,ke omella jwaloka jwang. 13Empa wena Morena,o rena kamehla yohle,o tla hopolwa ke meloko yohle. 14Ako tsohe, o utlwele Sione bohloko;ke nako jwale ya ho e hauhela,motsotso o fihlile. 15Bahlanka ba haoba kgahlwa ke majwe a yona,ba qenehela le lerole la yona. 16Baditjhaba ba tla hlompha,ba hlomphe lebitso la Morena,le dikgosi tsohle tsa lefatshedi tla hlompha tlotla ya hao. 17Ha Morena a tsosa marako a Sione,o tla bonahatsa tlotla ya hae,a e bonahatse ho yona. 18O tla mamela thapeloya ba itlhophereng;thapelo eo ya bonaa ke ke a e kgesa. 19Tsena di ke di ngollwe moloko,moloko o tlang,hore tjhaba se tla tswalwase tle se rorise Morena. 20Morena o shebile fatshea le sehalalelong sa hae se hodimo;o tadimile lefatshe a le mahodimong. 21hore a utlwe mefehelo,mefehelo ya batshwaruwa,a lokolle ba ahloletsweng lefu. 22Jwale lebitso la Morenale tla bolelwa Sione,dithoko tsa hae Jerusalema, 23ha ditjhaba tsohledi phuthehile mmoho,di ena le mebuso ya tsona,ho sebeletsa Morena. 24O mphokodisitse ke sa le motjha,a kgutsufatsa ditshiu tsa ka. 25Ka ba ka re: “Modimo wa ka,o se ke wa ntlosa lefatshengke sa le mahareng a bophelo ba ka.Wena dilemo tsa haodi akaretsa meloko yohle. 26O ne o thee lefatshe kgalekgale,mahodimo ke mosebetsiwa diatla tsa hao. 27Tsena di tla timela,empa wena o tla sala;tsohle di tla tsofala jwaloka seaparo,o tla di lahla jwaloka seaparo,mme di tla nyamela. 28Empa wena haesale e le wena,dilemo tsa hao di ke ke tsa fela. 29Bana ba bahlanka ba haoba tla ba le leaho le tiileng,mme ditloholo tsa bonadi tla nne di be teng pela hao.”