Dipesalema
Khaolo 7
BIBELE
Thapelo ya motho ya batlang toka
1Kodi-ya-malla ya Davida eo a e binetseng Morena ka baka la mantswe a Kushe, Mobenjamine. 2Morena Modimo wa ka,ke tshabela ho wena,ke tshabela ho wena, ako mpholose,o nnamoleleho bohle ba ntlhorisang; 3esere ba mphamola jwaloka tau,ba ntsekolla ho se ya nnamolelang. 4Morena Modimo wa ka,haeba ke entse tsena:ha ke sebeditse bokgopoka diatla tsa ka, 5ha ke entse mothusi wa ka hampe,ha ke senyeditse sera sa kaho se lebaka, 6dira di ke di ntelekise, di ntshware,di ke di nkgatakelle fatshe,di mpolaye, di nkepele leroleng. 7Thusa, Morena, o ntse o halefile!O tsohele dira tsa ka tse bohale,o di tsohele matla;tsoha Modimo wa ka,wena ya dihang kahlolo. 8Phutheho ya ditjhabae ke e o bokanele;wena o dule hodimodimo,o e okamele. 9Morena o ahlola ditjhaba.Nkahlolele, Morena,ho ya ka ho loka ha ka,le ho ya ka ho hloka kodi ha ka. 10Bobe ba ba kgopo bo ke bo fele,mme o tiise ba lokileng,wena ya hlahlobang moya le pelo,wena Modimo ya lokileng. 11Thebe ya ka ke Modimo,ya pholosang ba pelo di ntle. 12Modimo ke moahlodi ya lokileng,ya ahlolang kamehla yohle. 13Ha motho a sa bake,Modimo o tla leotsa sabole ya hae,a hule seqha sa hae, a se tjhehe; 14a lokise dibetsa tse bolayang,metsu ya haea e etse ditsenene tse malakabe. 15Bonang, e mobeo emola tse manyala,o emara bokgopo,mme o tswala thetso. 16O tjhekile lemena, a le tebisa,a wela hona lemenengleo a le tjhekileng. 17O jelwe ke bokgopo ba hae,sehloho sa hae se mo wetse hodimo. 18Ke boka Morenaka baka la toka ya hae,ke roka lebitso la MorenaYa Hodimodimo.Khaolo
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36
37
38
39
40
41
42
43
44
45
46
47
48
49
50
51
52
53
54
55
56
57
58
59
60
61
62
63
64
65
66
67
68
69
70
71
72
73
74
75
76
77
78
79
80
81
82
83
84
85
86
87
88
89
90
91
92
93
94
95
96
97
98
99
100
101
102
103
104
105
106
107
108
109
110
111
112
113
114
115
116
117
118
119
120
121
122
123
124
125
126
127
128
129
130
131
132
133
134
135
136
137
138
139
140
141
142
143
144
145
146
147
148
149
150