Dipesalema
Khaolo 22
BIBELE
Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng?
1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka modumo wa “Kgama ya meso”. 2Modimo wa ka, Modimo wa ka,o ntahletseng?O hole le ho mpholosa,ha o utlwe ho dumaela ha ka. 3Modimo wa ka,ke ipiletsa le motsheare,empa ha o nkarabe;ke howa le bosiu, ha ke kgutse. 4Athe wena o a halelela,wena eo Iseraelea o binelang dithoko. 5Bo-ntata rona ba nnile ba o tshepa;ba o tshepa, mme wa ba namolela. 6Ba nnile ba o llela,mme ba phonyoha;ba o tshepa,mme ha ba a ka ba hlajwa ke dihlong. 7Empa nna ke seboko, ha ke motho;ke sekgobo ho bohle,ke nyediswa ke setjhaba. 8Bohle ba mponang ba a ntshoma,ba nnyekoletsa melomo,ba ntshisinyetsa dihlooho, ba re: 9“O tshepile Morena!A ke a mo lopolle,a mo pholose haeba a mo rata!” 10Athe ke wenaya nntshitseng popelong ya mme,wa etsa hore mmea ntshike sefubeng sa hae; 11ke abetswe wenaho tloha tswalong ya ka,o bile Modimo wa kake sa le popelong ya mme. 12Se be hole le nna,hobane matshwenyeho a haufi,mme ha ho ya ka nthusang. 13Dipohwana tse ngata di ntikile,dipoho tsa ditonana tsa Bashanedi mpokanetse; 14dira di mpetletse meno,jwaloka tau tse purumang,tse harolang. 15Ke jwaloka metsi a tsholohang,masapo a ka a tswenehile;pelo ya ka e jwaloka tshotso,e qhibidiha ka sefubeng sa ka; 16mmetso wa kao omeletse jwaloka lengetana,leleme la kale kgomaretse mahalapeng a ka.O nthobaditse leroleng la lefu. 17Dintja tse ngata di ntikile,sehlopha sa dinokwanese ntikanetse,tsena di ntlepotse maoto le matsoho. 18Nka bala masapo a ka kaofela.Batho ba ntjhebile, ba mmakaletse; 19ba arolelana diaparo tsa ka,ba laola aparo sa ka ka lotho. 20Empa wena Morena,o se be hole le nna;wena, matla a ka,potlakela ho nthusa. 21Pholosa bophelo ba ka saboleng;ke bona feela,bo pholose marong a ntja. 22Mpholose ditleneng tsa tau;nna ya fokolangmpholose nakeng tsa dinare. 23Ke tla tumisa lebitso la haohara bana beso,ke o rorise hara phutheho, ke re: 24“Lona ba hlomphang Morena,mo roriseng;lona ditloholo tsohle tsa Jakobo,mo tlotliseng;lona ditloholo tsohle tsa Israele,mo tshabeng. 25“Ha a a ka a nyedisa ya hlophehileng,leha e le ho se tsotellebohlophehi ba hae;ha a a ka a mo patela fahleho sa hae,empa o ile a utlwa ha a mo llela.” 26Ke tla o rorisa phuthehong e kgolo,kapele ho ba o hlomphang,ke phethe dikano tsa ka. 27Ba eisehang ba tla ja, ba kgore,ba batlang Morena ba tla mo rorisa;pelo tsa bonadi ke di thabe kamehla. 28Lefatshe ka bophara ba lonale hopole Morena,le ke le kgutlele ho yena;merabe yohle ya lefatshe e itihele,e ke e itihele maotong a hae; 29hobane puso ke ya Morena,mme o rena hodima ditjhaba. 30Bohle ba nang le matla lefatshengba tla itihela maotong a hae;bohle ba fellang lerolengba tla mo kgumamela.Nna ke tla phelela yena; 31ditloholo tsa ka di tla mo sebeletsa.Meloko e tlange tla tsebiswa Morena, 32setjhaba se esong ho tswalwese tla senolelwa ho loka ha hae:Ona ke mosebetsi wa Morena.Khaolo
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36
37
38
39
40
41
42
43
44
45
46
47
48
49
50
51
52
53
54
55
56
57
58
59
60
61
62
63
64
65
66
67
68
69
70
71
72
73
74
75
76
77
78
79
80
81
82
83
84
85
86
87
88
89
90
91
92
93
94
95
96
97
98
99
100
101
102
103
104
105
106
107
108
109
110
111
112
113
114
115
116
117
118
119
120
121
122
123
124
125
126
127
128
129
130
131
132
133
134
135
136
137
138
139
140
141
142
143
144
145
146
147
148
149
150