Dipesalema

Khaolo 55

BIBELE

Thapelo ya ho ikopela thuso

1Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. 2Oho, Modimo, ako sekehe tsebe,o sekehele thapelo ya ka tsebe,o se ke wa furalla thapedi ya ka. 3Ako mmamele, o be o nkarabe:Ke tsielehile, ke sisa pelo,ke a fehelwa, 4ka baka la ho hlodiuwake dira tsa ka,le ka baka la ho hlapaolwake ba kgopo.Ba nneta ka bokgopo,ba ntlhorisa ba halefile. 5Pelo ya ka e uba habohloko,matswalo a lefu a mpupeditse. 6Ke kenwe ke letswalo,ke a thothomela,ke aparetswe ke tshabo. 7Ke bile ka re:“Ke mang ya tla mpha mapheo,mapheo a kang a leeba,ke tle ke fofe, ke yo phomola?” 8E, nka be ke baleha, ke eya hole,ke ilo iphelela lehwatateng. 9Ke ne ke tla potlakelaho ya fumana tshireletsomeyeng ya ditsokotsane le ya difefo. 10Morena, lobokanya mereroya ba kgopo,o ferekanye maleme a bona,hobane nna ke bona sehloho,ke bona le diqabang motseng; 11di solla hodima marako a motse,di solla teng motsheare le bosiu,bokgopo le bobe di kahara wona. 12Hara wona ke timelo feela,bomenemene le manodi ke ke tsa sutha mabaleng a wona. 13Hoja ke sera se ntlhapaolang,ke ne ke tla mamella;hoja ya ntlhoilengke yena ya ikgantshetsang nna,ke ne ke tla ipatela yena. 14Empa ke wena ya nkentseng jwalo,wena o leng molekane wa Ka,le thaka ka, le motswalle wa ka; 15wena eore neng re buisana hamonate,re le sehlophengse yang tlung ya Modimo. 16Lefu le ke le ba kgaoletse,ba ke ba theohele Nqalong ya Bafu,ba theohele ba ntse ba phela,hobane ba ahisane le bokgopo,mme bo hara bona. 17Empa nnake tla ipiletsa ho Modimo,mme Morena o tla mpholosa. 18Hoseng, motsheare le mantsiboya,ke sisa pelo, ke a fehelwa,mme o utlwa lentswe la ka. 19O mpholositse ntweng,a mpha kgotso,leha ba mphutuhetsengba ne ba le bangata. 20Modimo o tla utlwa, a ba kokobetse,yena eo esaleng a ituletseteroneng ya hae;hobane ha ba sokolohe,ha ba tshabe Modimo. 21Molekane wa ka o futuhetsemetswalle ya hae,o robile selekane sa hae. 22Leleme la hae le ne le le monate,empa bora bo ne bo le teng,bo le teng ka pelong ya hae.Mantswe a haea ne a thoba hamonate,empa e ne e le disabole tse hlabang. 23Rolela morwalo wa hao ho Morena,mme o tla o jarisa;a ke ke a tlohella ya lokilenghore a sisinngwe le ka mohla. 24Wena Modimo, o tla ba dihela,o tla ba dihela mohohlong wa timelo,batho bao ba ratang ho tsholla madi,ba ratang le ho thetsa;ba ke ke ba phelaleha e le halofo ya ditshiu tsa motho.Empa nna ke tshepile wena.