Dipesalema
Khaolo 33
BIBELE
Thoko ya Morena, mmaballi wa tsohle
1Etsetsang Morena ditlatse,lona ba lokileng,ho mo rorisa ho tshwanelaba pelo di ntle. 2Bokang Morena ka harepa,mo rokeng ka seletsase kgwele di leshome. 3Mmineleng sefela se setjha,letsang ka bokgabane,le etse mehoo ya thabo. 4Efela lentswe la Morena le lokile,mesebetsi yohle ya haeke ya nnete. 5O rata ho loka le toka;lefatshe lohlele tletse mohau wa Morena. 6Mahodimo a entsweka lentswe la Morena,le mabotho wohle a wonaka polelo ya molomo wa hae. 7Morena a bokella metsi a lewatlejwalokaha eka o a tshetse lekukeng,a boloka madiba madumeleng a hae. 8Lefatshe lohlele ke le tshabe Morena,baahi bohle ba lona ba mo hlomphe. 9O ne a bue, mme tsa eba teng;a laela, mme tsa hlaha. 10Morena o nyopisa merero ya ditjhaba,o folodisa mehopolo ya merabe. 11Merero ya Morena e tiile kamehla,mehopolo ya pelo ya haeke ya kamehla. 12Ho lehlohonolo setjhabaseo Morena e leng Modimo wa sona,morabe oo a ikgethetseng wona,a ikgethela wona ho ba leruo la hae. 13Morena o tadima a le mahodimong,a bone bana bohle ba batho; 14a le leahong la haeo sheba baahi bohle ba lefatshe. 15Ke yena ya bopileng pelo tsa bona,ya tsebang mesebetsiyohle ya bona. 16Kgosi ha e ke a fenye,ha e ke e fenyeka baka la dimphihadi tsa yona,mohale ha a ke a hlole,ha a ke a hloleka baka la bonatlahadi ba hae. 17Ke lefeela ho tshepa ho pholoswake pere ya ntwa,e ke ke ya pholosa mothoka matlahadi a yona. 18Morena o beile leihlo la haeho ba mo tshabang,bona ba tshepileng mohau wa hae, 19e le hore a tle a ba lopolle lefung,le ho ba phedisa nakong ya tlala. 20Meya ya rona e lebeletse Morena,e leng yena thuso le thebe ya rona. 21Pelo tsa rona di a mo thabela,re tshepile lebitso la hae le halalelang. 22Morena, mohau wa haoo ke o be le rona,hobane re tshepile wena.Khaolo
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36
37
38
39
40
41
42
43
44
45
46
47
48
49
50
51
52
53
54
55
56
57
58
59
60
61
62
63
64
65
66
67
68
69
70
71
72
73
74
75
76
77
78
79
80
81
82
83
84
85
86
87
88
89
90
91
92
93
94
95
96
97
98
99
100
101
102
103
104
105
106
107
108
109
110
111
112
113
114
115
116
117
118
119
120
121
122
123
124
125
126
127
128
129
130
131
132
133
134
135
136
137
138
139
140
141
142
143
144
145
146
147
148
149
150