Dipesalema
Khaolo 21
BIBELE
Thapelo e lebohelang kgosi
1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. 2Kgosi e thabelamatla a hao Morena,e nyakallelathuso ya hao hakaakang! 3O e neile se ratwangke pelo ya yona,ha o a ka wa e hanela kopoe tswang molomong wa yona. 4O kgahlanyeditse kgosika mahlohonolo,wa e rwesa mofapahloohowa kgauta e hlwekisitsweng. 5E kopile bophelo ho wena,mme o e file bona,wa e ekeletsa ditshiu,kamehla le mehla. 6Tlotla ya yona e kgoloka thuso ya hao,o e apesitse kganya le hlompho. 7O e neile mahlohonolo ho isa kgale,wa e thabisa haholoka boteng ba hao. 8Kgosi e tshepile Morena,ka baka la mohauwa Ya Hodimodimo,e ke ke ya sisinngwa. 9Letsoho la hao, kgosi,le tla fihlela dira tsohle tsa hao,letsoho la hao le letonale tla fihlela bohle,bohle ba o hloileng; 10hang ha o hlaha, o tla ba fedisa;o ba fediseeka ba ka seboping sa mollo.Morena o tla ba metsa ha a halefile,mollo o ba tjhese. 11O tla hlakolabana ba bona lefatsheng,le ditloholo tsa bonahara bana ba batho. 12Ha ba rera ho o etsetsa bobe,ha ba loha mano,ba ke ke ba atleha; 13o tla etsa hore ba o supe ka direthe,o hule seqha sa hao ho ba fula. 14Thusa, Morena, ka matla a hao!Re tla bina, re roke bonatla ba hao.Khaolo
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36
37
38
39
40
41
42
43
44
45
46
47
48
49
50
51
52
53
54
55
56
57
58
59
60
61
62
63
64
65
66
67
68
69
70
71
72
73
74
75
76
77
78
79
80
81
82
83
84
85
86
87
88
89
90
91
92
93
94
95
96
97
98
99
100
101
102
103
104
105
106
107
108
109
110
111
112
113
114
115
116
117
118
119
120
121
122
123
124
125
126
127
128
129
130
131
132
133
134
135
136
137
138
139
140
141
142
143
144
145
146
147
148
149
150