Dipesalema
Khaolo 36
BIBELE
Bokgopo ba batho le mohau wa Modimo
1Pesalema ya Davida, mohlanka wa Morena, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. 2Ya kgopo o laolwa ke sebe,sebe se botebong ba pelo ya hae;ho tshaba Modimoha ho yo ho yena. 3Mehopolong ya hae o a ithetsahoo a sa boneng sebe sa hae,hoo a sa se hloyeng. 4Mantswe a tswangmolomong wa hae,ke mantswe a mabe, a thetsang;o tlohetse bohlale leha e le botle. 5O rera bokgopoa ntse a le phateng tsa hae,o tsamaya tseleng e sa lokang,ha a kgese bobe. 6Morena, mohau wa haoo fihla mahodimong,botshepehi ba haobo fihla marung, 7ho loka ha haoho jwaloka thaba tse telele,dikahlolo tsa hao di jwaloka bodiba,bodiba bo tebileng:Morena, o pholosa mothole yona phoofolo. 8Modimo, mohau wa haoke wa bohlokwa hakaakang!Bana ba batho ba tshabela moriting,moriting wa mapheo a hao. 9Ba kgora manoni a ntlo ya hao;o ba nwesa nokanengya menate ya hao. 10Sediba sa bophelo se ho wena,mme ka sedi la hao re bona lesedi. 11O nne o be mohau ho ba o tsebang,o nne o sitse ba pelo di ntleka ho loka ha hao. 12Moikgohomosia se bee leoto pela ka,letsoho la ya kgopo le se nteleke. 13Ba etsang bokgopo ke bao, ba wele!Ba dihetswe fatshe,ba ke ke ba hlola ba tsoha.Khaolo
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36
37
38
39
40
41
42
43
44
45
46
47
48
49
50
51
52
53
54
55
56
57
58
59
60
61
62
63
64
65
66
67
68
69
70
71
72
73
74
75
76
77
78
79
80
81
82
83
84
85
86
87
88
89
90
91
92
93
94
95
96
97
98
99
100
101
102
103
104
105
106
107
108
109
110
111
112
113
114
115
116
117
118
119
120
121
122
123
124
125
126
127
128
129
130
131
132
133
134
135
136
137
138
139
140
141
142
143
144
145
146
147
148
149
150