Dipesalema
Khaolo 145
BIBELE
Boholo ba Modimo le molemo wa hae
1Pesalema ya Davida. Thoko.Ke tla o tumisa,wena Modimo wa kao leng Kgosi ya ka,ke boke lebitso la haokamehla le mehla. 2Ke tla o bokaka letsatsi le leng le le leng,ke rorise lebitso la haokamehla le mehla. 3Morena o moholo,o lokelwa ke thoriso e kgolo,boholo ba hae ha bo fihlelwe. 4Moloko ho isa molokong o mongo tlotlisa mesebetsi ya hao,o bonahatsa ketsotsa bonatla ba hao. 5Batho ba tla bolelakganya ya tlotla ya hao,nna ke nahane dimakatso tsa hao. 6Ba tla bolelamatla a ketso tsa hao tse tshabehang,nna ke phete tsa boholo ba hao. 7Ba tla etsa kgopotsoya molemo wa hao o moholo,ba etsetse ho loka ha hao ditlatse. 8Morena o mosa,o na le kutlwelobohloko,o dieha ho halefa,o tletse mohau. 9Morena o molemo ho bohle,lerato la haele aparela mesebetsi yohle ya hae. 10Morena, mesebetsi yohle ya haoe a o leboha,le batshepuwa ba hao ba a o boka; 11ba bolela tlotla ya mmuso wa hao,ba bua ka diketso tsa bonatla ba hao. 12Ba tsebisa batho bohlediketso tsa bonatla ba hao,le tlotla e kganyangya mmuso wa hao. 13Mmuso wa haoke mmuso wa kamehla yohle,le puso ya haoke ya meloko yohle.Morena o tshepahaladipolelong tsohle tsa hae,o mohau mesebetsing yohle ya hae. 14Morena o tshehetsa bohle ba wang,o phahamisa bohleba kgokgopaneng. 15Mahlo a bohle a lebeletse wena,hore o ba fepe ka nako e lokelang. 16Ha o fuparolla seatla,o kgorisa tsohle tse phelangka tseo di di lakatsang. 17Morena o lokileho tsohle tseo a di etsang,mesebetsing yohle ya haeo mohau. 18Morena o haufile bohle ba mo rapelang,ba mo rapelang kannete. 19O phetha ditakatsotsa ba mo tshabang,o utlwa sello sa bona,mme o a ba pholosa. 20Morena o baballa bohleba mo ratang,empa bohle ba kgopo o a ba timetsa. 21Molomo wa kao ke o rorise Morena;batho bohle ba bokelebitso la hae le halalelang,ba le boke kamehla le mehla.Khaolo
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36
37
38
39
40
41
42
43
44
45
46
47
48
49
50
51
52
53
54
55
56
57
58
59
60
61
62
63
64
65
66
67
68
69
70
71
72
73
74
75
76
77
78
79
80
81
82
83
84
85
86
87
88
89
90
91
92
93
94
95
96
97
98
99
100
101
102
103
104
105
106
107
108
109
110
111
112
113
114
115
116
117
118
119
120
121
122
123
124
125
126
127
128
129
130
131
132
133
134
135
136
137
138
139
140
141
142
143
144
145
146
147
148
149
150