2 Samuele
Khaolo 11:16-22
BIBELE e Halalelang
16Kahoo, Joabe a qamaka motse, mme a bea Uria nakeng leo a tsebang hobane banna ba matla ba tla lwanela teng.
17Banna ba motse ha ba etswa, ba lwana le Joabe, mme bahlanka ba bang ba Davida ba wa, le yena Uria Mohethe a shwa.
18Yaba Joabe o romela ho tsebisa Davida taba tsohle tsa ntwa.
19A laela lenqosa, a re: Ha o qetile ho bolella morena taba tsohle tsa ntwa,
20ha morena a ka tshoha a halefa, a re ho wena: Na le ne le sa tsebe hobane ba tla fula ba le ka lerakong na?
21Ke mang ya bolaileng Abimeleke, mora Jerubbeshethe? na hase mosadi ya kileng a akgela lejwe la lelwala, a le ka lerakong, Abimeleke a ba a shwela Thebetse na? ho ya kang, ha le atametse lerako hakalo na? Etlaba moo o reng: Le mohlanka wa hao Uria Mohethe o shwele.
22Lenqosa la ya ka tseo, la fihla, la tsebisa Davida tsohle tseo Joabe a le romileng ka tsona.