2 Samuele
Khaolo 17:1-6
BIBELE e Halalelang
1Akitofele a eketsa a re ho Absalome: Jwale, a nke ke kgethe banna ba kete tse leshome le metso e mmedi, ke tlohe, ke phallele Davida le bosiu bona.
2Ke tla mo fihlela a sa kgathetse, a fokotse matsoho, ke mo tshose; setjhaba sohle se leng ho yena se tla baleha; ke tla bolaya yena morena a nnotshi.
3Ke tla sokollela setjhaba sohle ho wena, hobane, ha ho ka shwa motho eo o mmatlang, etlaba setjhaba se sokolohetse ho wena kaofela ha sona, mme setjhaba se tla ba le kgotso.
4Taba eo ya kgahla Absalome le baholo bohle ba Iseraele.
5Absalome a mpa a re: Ha ho ke ho bitswe Hushai Moarke, re utlwe molomo wa hae le yena.
6Hushai ha a etla ho Absalome, Absalome a mmolella, a re: Akitofele o buile ka mokgwa o itseng; ana re tla etsa ka polelo ya hae, kapa tjhe? Bua le wena.