2 Samuele
Khaolo 17:22-28
BIBELE e Halalelang
22Yaba Davida le setjhaba sohle se ho yena ba tloha, ba tshela Jordane. Ha bo esa, ha bo ho se ho se le a mong ya sa kang a tshela Jordane.
23Jwale, Akitofele, ha a bona hore ha ho etswe ka keletso ya hae, a qhaneha esele ya hae, a tloha, a ya hae motseng wa habo; a hleka ntlo ya hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.
24Haele Davida, a ya fihla Mahanaime; Absalome yena, a tshela Jordane, a ena le batho bohle ba Iseraele.
25Tulong tsa Joabe, Absalome a bea Amasa molaodi wa makgotla. Amasa eo e ne e le mora motho ya bitswang Jithra, Moiseraele, ya neng a kene ho Abigaile, moradi wa Nahashe, ngwanabo Tseruja, mma Joabe.
26Jwale, Baiseraele le Absalome ba ya, ba emisa naheng ya Gileade.
27Davida ha a fihla Mahanaime, Shobi, mora Nahashe wa Rabba, wa bana ba Ammone, le Makire, mora Ammiele wa Lodebare, le Barsillai, Mogileade wa Roglime,
28ba tlisa diphate, le merifi, le dipitsa tsa letsopa, le koro, le harese, le phofo, le diqhome, le dinawa, le dierikise, le dipabi,