Mattheu
Khaolo 10:2-8
BIBELE e Halalelang
2Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi, ke ana: Wa pele, ke Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo; Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo;
3Filipi le Bartholome; Thomase le Mattheu, molekgetho; Jakobo, mora Alfea, le Thaddea;
4Simone, Mokanana, le Judase Iskariota, yena ya ekileng Jesu.
5Jesu a roma ba leshome le metso e mmedi bao, a ba laela, a re: Le se ke la ya ho baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria;
6le mpe le ye dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.
7Ha le ntse le tsamaya, le bolele, le re: Mmuso wa mahodimo o atametse.
8Fodisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le lahlele batemona ntle; le neilwe feela, neang feela.