Mattheu
Khaolo 10:4-10
BIBELE e Halalelang
4Simone, Mokanana, le Judase Iskariota, yena ya ekileng Jesu.
5Jesu a roma ba leshome le metso e mmedi bao, a ba laela, a re: Le se ke la ya ho baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria;
6le mpe le ye dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.
7Ha le ntse le tsamaya, le bolele, le re: Mmuso wa mahodimo o atametse.
8Fodisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le lahlele batemona ntle; le neilwe feela, neang feela.
9Le se ke la inkela kgauta, leha e le silefera, leha e le tshepe e kgubedu ka maqhaameng a lona;
10le ha e le mokotla wa tsela, le dikobo tse pedi, le dieta, le lere; hobane ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.