Mattheu
Khaolo 10:5-11
BIBELE e Halalelang
5Jesu a roma ba leshome le metso e mmedi bao, a ba laela, a re: Le se ke la ya ho baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria;
6le mpe le ye dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.
7Ha le ntse le tsamaya, le bolele, le re: Mmuso wa mahodimo o atametse.
8Fodisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le lahlele batemona ntle; le neilwe feela, neang feela.
9Le se ke la inkela kgauta, leha e le silefera, leha e le tshepe e kgubedu ka maqhaameng a lona;
10le ha e le mokotla wa tsela, le dikobo tse pedi, le dieta, le lere; hobane ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.
11Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe wa teng ya nang le tshwanelo; le dule ha hae le be le tlohe.