Mattheu
Khaolo 12:2-8
BIBELE e Halalelang
2Bafarisi ha ba bona hoo, ba re ho yena: Bona, barutuwa ba hao ba etsa ho sa dumellweng ho etswa ka tsatsi la Sabatha.
3Empa a re ho bona: Na ha le a ka la bala ho entsweng ke Davida, mohla a neng a lapile le ba nang le yena;
4kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa lokele ho jewa ke yana le ke ba nang le yena, e le a baprista ba nnotshi?
5Kapa ha le a ka la bala molaong hobane, ka matsatsi a Sabatha, baprista ba tlola molao wa Sabatha tempeleng, mme ha ba na molato?
6Mme ke re ho lona: Ho teng mona ho hoholo ho tempele.
7Hola la tseba ho lekanntsweng ha ho thwe: ke rata mohau, e seng sehlabelo, le ka be le sa ka la tswa ba se nang molato.
8Hobane Mora motho ke morena le wa Sabatha.