Mattheu
Khaolo 12:5-11
BIBELE e Halalelang
5Kapa ha le a ka la bala molaong hobane, ka matsatsi a Sabatha, baprista ba tlola molao wa Sabatha tempeleng, mme ha ba na molato?
6Mme ke re ho lona: Ho teng mona ho hoholo ho tempele.
7Hola la tseba ho lekanntsweng ha ho thwe: ke rata mohau, e seng sehlabelo, le ka be le sa ka la tswa ba se nang molato.
8Hobane Mora motho ke morena le wa Sabatha.
9Ha a tloha teng, a kena sinagogeng ya bona.
10Motho o ne a le teng moo, ya letsoho le omeletseng; ba botsa Jesu, ba re: Ana ho ka lokela ho fodisa ka tsatsi la Sabatha na? Ba rialo, ba batla sebaka sa ho mo qosa.
11Empa yena a re ho bona: Motho ke ofe ho lona ya nang le nku e le nngwe, ekareng ha e wela sekoting ka Sabatha, a ke keng a e tshwara,