Mattheu
Khaolo 13:13-19
BIBELE e Halalelang
13Ke ka baka leo ke buang le bona ka ditshwantsho, kahobane leha ba bona, ha ba bone; leha ba utlwa, ha ba utlwe, mme ha ba utlwisise.
14Ho phethahala ho bona ho porofetilweng ke Esaia, ha a re: Ka kutlo le tla utlwa, empa le ke ke la utlwisisa; ka pono le tla bona, empa le ke ke la bontshisa.
15Hobane pelo ya setjhaba sena e nonne; ditsebe tsa bona di utlwa ka thata, mme ba pompaditse mahlo a bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwa ka ditsebe, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.
16Empa mahlo a lona a lehlohonolo, hobane a bona, le ditsebe tsa lona di lehlohonolo, hobane di a utlwa.
17Kannete ke re ho lona: Baporofeta ba bangata le ba lokileng ba bangata ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, mme ha ba ka ba di bona, le ho utlwa tseo le di utlwang, mme ha ba ka ba di utlwa.
18Jwale lona, mamelang taba ya setshwantsho sa mojadi.
19E mong le e mong ha a utlwa polelo ya mmuso, mme a sa e utlwisise, e mobe o ye a tle ho yena, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae. Eo ke ya amohetseng peo pela tsela.