Mattheu
Khaolo 13:37-43
BIBELE e Halalelang
37A ba araba, a re: Ya jalang peo e ntle ke Mora motho;
38tshimo ke lefatshe; peo e ntle ke bana ba mmuso; mofoka ke bana ba e mobe;
39sera se o jadileng ke Diabolose; kotulo ke bofelo ba lefatshe; bakotudi bona ke mangeloi.
40Jwaloka mofoka ha o kguwa, o tjheswa mollong, ho tla ba jwalo bofelong ba lefatshe lena.
41Mora motho o tla roma mangeloi a hae; a tla kgetha mmusong wa hae dikgopiso tsohle le ba etsang bokgopo,
42mme a ba lahlele seboping sa mollo, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.
43Mohlang oo, ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi mmusong wa Ntata bona. Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.