Mattheu
Khaolo 13:43-49
BIBELE e Halalelang
43Mohlang oo, ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi mmusong wa Ntata bona. Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
44Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng hobane motho a le fumane, a boela a le pata; mme ka baka la ho le thabela, o rekisa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, o ithekela tshimo eo.
45Mmuso wa mahodimo hape o jwaloka mohwebi ya batlang diperela tse ntle.
46Hobane a fumane perela ya bohlokwa, a ya, a bapatsa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, mme a ithekela yona.
47Hapehape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlowa le akgetsweng lewatleng, mme le bokella ntho tsa mefutafuta.
48Ha le tletse, ba le hulela lebopong, ba ntoo dula, ba boloka tse ntle dipitseng tsa bona, ba lahla tse mpe.
49Ho tla ba jwalo bofelong ba lefatshe: mangeloi a tla tswa, a kgethe ba kgopo ho ba lokileng,