Mattheu
Khaolo 13:45-51
BIBELE e Halalelang
45Mmuso wa mahodimo hape o jwaloka mohwebi ya batlang diperela tse ntle.
46Hobane a fumane perela ya bohlokwa, a ya, a bapatsa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, mme a ithekela yona.
47Hapehape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlowa le akgetsweng lewatleng, mme le bokella ntho tsa mefutafuta.
48Ha le tletse, ba le hulela lebopong, ba ntoo dula, ba boloka tse ntle dipitseng tsa bona, ba lahla tse mpe.
49Ho tla ba jwalo bofelong ba lefatshe: mangeloi a tla tswa, a kgethe ba kgopo ho ba lokileng,
50mme a tla ba lahlela seboping sa mollo; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.
51Jesu a re ho bona: Ana le utlwisisa taba tseo tsohle na? Ba re ho yena: E, Morena.