Mattheu
Khaolo 13:54-58
BIBELE e Halalelang
54Mme hobane a fihle naheng ya habo, a ruta batho sinagogeng ya bona, ba ba ba tsota, ba re: Na enwa o nkile bohlale bo bokalo le mehlolo e mekalo kae?
55Na enwa hase mora wa mmetli na? Ha re re, mmae ke ya bitswang Maria? Le banababo na hase Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda na?
56Bokgaitsedie le bona na ha ba moo ho rona kaofela ha bona? Na tseo tsohle enwa o di nkile kae na?
57Mme ba kgoptjwa ho yena. Empa Jesu a re ho bona: Moporofeta ha a hloke hlompho haese naheng ya habo le tlung ya hae.
58Teng, ha a ka a etsa mehlolo e mengata, ka baka la ho se dumele ha bona.