Mattheu
Khaolo 16:2-8
BIBELE e Halalelang
2Empa yena a araba, a re ho bona: Ha ho se ho phirimile, le ye le re: Le tla sa, hobane lehodimo le lefubedu.
3Kameso le re: Kajeno le tla duma, hobane lehodimo le bofubedu bo botsho. Baikaketsi, ha le tseba ho lemoha tshobotsi ya lehodimo hantle, le sitwa keng ho lemoha dipontsho tsa mehla ena na?
4Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla pontsho, o mpa o ke ke wa newa pontsho, haese pontsho ya moporofeta Jonase. Yaba o ba tlohela, ikela.
5Barutuwa ba hae ha ba fihla mose wane, ba fumana hobane ba lebetse ho nka mahobe.
6Jesu a re ho bona: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi.
7Ba hakanya ka ho bona, ba re: Eka ke hobane re sa ka ra nka mahobe.
8Empa Jesu a tseba, mme a re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, na le hakanya kahare ho lona hoba ke rialo, kahobane le sa ka la nka mahobe na?