Mattheu
Khaolo 16:5-11
BIBELE e Halalelang
5Barutuwa ba hae ha ba fihla mose wane, ba fumana hobane ba lebetse ho nka mahobe.
6Jesu a re ho bona: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi.
7Ba hakanya ka ho bona, ba re: Eka ke hobane re sa ka ra nka mahobe.
8Empa Jesu a tseba, mme a re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, na le hakanya kahare ho lona hoba ke rialo, kahobane le sa ka la nka mahobe na?
9Ana ha le eso ho utlwisise na? Na le hakilwe ke mahobe a mahlano a mohla banna ba kete tse hlano, le bokae ba diroto tseo le di nkileng?
10Le mahobe a supileng a mohla banna ba kete tse nne, le bokae ba diroto tseo le di nkileng?
11Ha le utlwisise keng hore ha ke bolele mahobe, ha ke re, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi?