Mattheu
Khaolo 16:9-15
BIBELE e Halalelang
9Ana ha le eso ho utlwisise na? Na le hakilwe ke mahobe a mahlano a mohla banna ba kete tse hlano, le bokae ba diroto tseo le di nkileng?
10Le mahobe a supileng a mohla banna ba kete tse nne, le bokae ba diroto tseo le di nkileng?
11Ha le utlwisise keng hore ha ke bolele mahobe, ha ke re, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi?
12Jwale, ba utlwisisa hore ditomoso tseo a itseng ba di tshabe, hase tsa bohobe, empa e le tsa thuto ya Bafarisi le ya Basadusi.
13Jesu eitse ha a fihla naheng ya Sesarea wa Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: Ke le Mora motho, batho ba re, ke mang na?
14Ba re: Ba bang ba re, o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, o Elia; ba bang ba re, o Jeremia, kapa e mong wa baporofeta.
15A re ho bona: Lona, le re, ke mang na?