Mattheu
Khaolo 17:10-16
BIBELE e Halalelang
10Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: Na ke ho reng, ha bangodi ba re: E ka kgona Elia a tle pele?
11Jesu a araba, a re ho bona: Kannete Elia o tshwanetse ho tla, a busetse tsohle tokeng.
12Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ha ba ka ba mo tseba; ba mpa ba mo entse hohle hoo ba ho ratileng; Mora motho le yena o tla utlwiswa bohloko jwalo ke bona.
13Jwale, barutuwa ba utlwisisa hobane o ba lekanyetsa Johanne Mokolobetsi.
14Eitse ha ba etla ho bongata, motho a mo atamela, a mo kgumamela ka mangwele,
15a re: Morena, utlwela mora ka bohloko; hobane o jewa ke sethwathwa, mme o kula hampe; hobane hangata o wela mollong, mme hangata a wele metsing.
16Ke se ke mo hlahisitse ho barutuwa ba hao, empa ha ba ka ba tseba ho mo fodisa.