Mattheu
Khaolo 17:12-18
BIBELE e Halalelang
12Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ha ba ka ba mo tseba; ba mpa ba mo entse hohle hoo ba ho ratileng; Mora motho le yena o tla utlwiswa bohloko jwalo ke bona.
13Jwale, barutuwa ba utlwisisa hobane o ba lekanyetsa Johanne Mokolobetsi.
14Eitse ha ba etla ho bongata, motho a mo atamela, a mo kgumamela ka mangwele,
15a re: Morena, utlwela mora ka bohloko; hobane o jewa ke sethwathwa, mme o kula hampe; hobane hangata o wela mollong, mme hangata a wele metsing.
16Ke se ke mo hlahisitse ho barutuwa ba hao, empa ha ba ka ba tseba ho mo fodisa.
17Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na? Mo tliseng mona ho nna.
18Mme Jesu a kgalemela motemona haholo; motemona a tswa ngwaneng eo, mme ngwana a fola ka yona nako eo.