Mattheu
Khaolo 17:17-23
BIBELE e Halalelang
17Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na? Mo tliseng mona ho nna.
18Mme Jesu a kgalemela motemona haholo; motemona a tswa ngwaneng eo, mme ngwana a fola ka yona nako eo.
19Yaba barutuwa ba tla ho Jesu kathoko, ba re ho yena: Na re kile ra sitwa keng ho leleka motemona eo?
20Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; hobane kannete ke re ho lona: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, mme ho ka be ho se letho le le sitang.
21Empa mofuta oo wa batemona ha o tswe, haese ka thapelo le ka ho itima dijo.
22Ha ba sa ya le Galelea, Jesu a re ho bona: Mora motho o tla neelwa matsohong a batho.
23Ba tla mmolaya, empa o tla tsoha ka tsatsi la boraro. Yaba barutuwa ba swaba haholo.