Mattheu
Khaolo 18:1-4
BIBELE e Halalelang
1Nakong eo, barutuwa ba tla ho Jesu, ba re: E moholo mmusong wa mahodimo ke mang na?
2Jesu a bitsa ngwana, a mmea hara bona,
3a re: Kannete ke re ho lona: Ha le sa fetohe, la ba jwaloka bana, ha le ka ke la kena mmusong wa mahodimo.
4Ka baka leo, e mong le e mong ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa, ke yena eo e leng e moholo mmusong wa mahodimo;