Mattheu
Khaolo 18:28-34
BIBELE e Halalelang
28Empa mohlanka eo, ha a tswela kantle, a teana le molekane wa hae wa bohlanka, ya nang le molato ho yena wa didenare tse lekgolo; yaba o a mo tshwara, a mo kgama, a re: Lefa molato wa hao.
29Molekane wa hae wa bohlanka a itihela maotong a hae, a mo rapela, a re: Nthekolohele, mme ke tla o lefela.
30Eo a hana, a mpa a ya, a mo kgarameletsa teronkong, hore a be a lefe molato.
31Balekane ba hae ba bohlanka, ha ba bona ho entsweng, ba swaba haholo, mme ba ya bolella morena wa bona tsohle tse etsahetseng.
32Yaba morena wa hae o mo laetsa, a re ho yena: Mohlanka ya lonya, ke ne ke o leseletse molato wohle wa hao, kahobane o ne o nthapetse.
33Ana e ne e se tshwanelo ya hao le wena ho hauhela molekane wa hao wa bohlanka jwalokaha ke ne ke o hauhetse le wena na?
34Morena wa hae a ba bohale, mme a mo neela bahlokofatsi, hore a be a lefe molato wohle wa hae.