Mattheu
Khaolo 2:16-22
BIBELE e Halalelang
16Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.
17Mohlang oo, ho etsahetse ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re:
18Mohoo o utlwahetse Rama, wa pohomela, wa dillo, wa mahlomola a maholo: Ragele o llela bana ba hae, mme o hana ho tshediswa, hobane ba le siyo.
19Empa, eitse hobane Heroda a shwe, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, Egepeta, la re:
20Tsoha, o nke ngwana le mmae, mme o kgutlele lefatsheng la Iseraele; hobane ba neng ba batla moya wa ngwana, ba se ba shwele.
21A tsoha, a nka ngwana le mmae, a tla lefatsheng la Iseraele.
22Empa, eitse hobane a utlwe ha ho thwe, Arkelause o busa Judea, tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng; mme ha a senoletswe ke Modimo ka toro, a kgutlela naheng ya Galelea.