Mattheu
Khaolo 2:6-12
BIBELE e Halalelang
6Le wena Bethlehema, fatshe la Juda, ha o monyenyane hara metse e meholo ya Juda, hobane ho tla tswa ho wena motsamaisi ya tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele.
7Yare hobane Heroda a bitse Ba Bohlale sephiring, a ba botsisisa nako eo naledi e bonahetseng ka yona;
8mme a ba romela Bethlehema, a re: Eyang le botsisise ditaba tsa ngwana haholo; mme etlare ha le mo fumane, le ntsebise, le nna ke tle ke ye, ke mo kgumamele.
9Yare ha ba utlwile morena, ba ya; ebile naledi eo ba e boneng botjhabela, e ba etella pele, ya fihla, ya ema hodima moo ngwana a leng teng.
10Eitse ha ba bona naledi, ba nyakalla ka thabo e kgolo haholo.
11Ha ba kena tlung, ba fumana ngwana le mmae, Maria; ba wa ka mangwele, ba mo kgumamela; mme ha ba phutholotse matlotlo a bona, ba mo ntshetsa dimpho tsa kgauta, le dibano, le mirra.
12Eitse ha ba senoletswe ke Modimo ka toro, hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela lefatsheng la bona ka tsela esele.