Mattheu
Khaolo 2:7-13
BIBELE e Halalelang
7Yare hobane Heroda a bitse Ba Bohlale sephiring, a ba botsisisa nako eo naledi e bonahetseng ka yona;
8mme a ba romela Bethlehema, a re: Eyang le botsisise ditaba tsa ngwana haholo; mme etlare ha le mo fumane, le ntsebise, le nna ke tle ke ye, ke mo kgumamele.
9Yare ha ba utlwile morena, ba ya; ebile naledi eo ba e boneng botjhabela, e ba etella pele, ya fihla, ya ema hodima moo ngwana a leng teng.
10Eitse ha ba bona naledi, ba nyakalla ka thabo e kgolo haholo.
11Ha ba kena tlung, ba fumana ngwana le mmae, Maria; ba wa ka mangwele, ba mo kgumamela; mme ha ba phutholotse matlotlo a bona, ba mo ntshetsa dimpho tsa kgauta, le dibano, le mirra.
12Eitse ha ba senoletswe ke Modimo ka toro, hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela lefatsheng la bona ka tsela esele.
13Ha ba se ba tlohile, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, mme o dule teng, ke tle ke be ke o bolelle; hobane Heroda o tla batla ngwana ho mmolaya.